Kholera keng
Kholera ke lefu leo motho a le fumanang ka ho nwa metsi kapa ho ja dijo tse nang le kokwanahloko ya ya kholera.
Kokwanahloko e bakang kholera e fumaneha mantling a motho.
Ka ho nwa metsi le ho ja dijo tse nang le kokwanahloko ya kholera.
O bona jwang hore motho o na le kholera
Ha motho a ba le letshollo ka tshohanyetso (mantle a kang metsi a reisi ka mmala)
Ha motho e le hore hape o a hlatsa
Ha motho a lahlehelwa ke metsi a mangata mmeleng ka lebaka la ho hlatsa le tshollo
Hape ha motho a na le matshwao a latelang:
motho a ikutlwa a se na matla a lla ka dikrempe matsohong le maotong letlalo le hatsela le ho sosobana mahlo a hohletse le ho wela phuwana ha baneng mahlo a hohletseng le molomo o ommeng bathong ba baholo
Netefatsa hore metsi ao o a sebedisang ho nwa le ho hlatswa ditholwana le meroho a bidiswa kapa ho a hlwekisa
Ho bidisa metsi: Futhumetsa metsi ho fihlela a etsa dipudulwana mme o a tlohele a bele nako e fetang motsotso hape
Ho hlwekisa metsi: Tshela kgabana ya sebolaya dikokwanahloko metsing a dilitara tse 25 mme o a tlohele a kwaetswe nako ya dihora tse 2 kapa ho feta pele o ka a sebedisa
Hlatswa dijo tse tala ka metsi a bidisitsweng kapa a hlwekisitsweng pele o di ja
Eja dijo tse butswisisitsweng mme di sa ntsane di tjhesa ha di tsholwa
Futhumetsa dijo ka ho phethahala
Hlatswa ditshelo tsa ka tlong tsa metsi, dipitsa le dijana ka metsi a bedisitsweng kapa a hlwekisitsweng
Sebedisa lebekere le hlwekileng ho kga metsi setshelong se seholo
Dula kamehla o kwahetse dijo tsa hao le ho di sirelletsa ditshintshing
Aha matlwana a VIP kapa a mekoti hole le moo ho kguwang metsi teng (nokeng kapa sedibeng)
Seke wa sebedisa jwalo ka ntlwana, empa sebedisa ntlwana ya VIP kapa ya mokoti.
Hatlela matsoho a hao ka metsi a bidisitsweng kapa a hlwekisitsweng ka mora ho sebedisa ntlwana le pele o tshwara dijo.
O ka thusa motho ya seng a na le kholera jwang?
Mo fe motswako o mongata wa tswekere/letswai
O ka etsa motswako wa tswekere/letswai jwang
Nka litara ya metsi a bidisitsweng kapa a hlwekisitsweng, tshela kgabana tse 8 tsa tswekere le halofo ya kgabana ya letswai mme o di kopanye kaofela.
Fana ka motswako ona ka methangwana makgetlo a mangata ka moo ho ka kgonehang ka teng.
HWA BOHLOKWA
Hopola, tswelapele ho fana ka motswako wa tswekere/letswai mothong ya nang le kholera
Isa motho eo tliniking e haufi kapa setsha sa thusa ya batho ba lahlehetsweng ke metsi a mangata mmeleng ka pele ka moo ho ka kgonehang ka teng
Ha o batla tlhahisoleseding ya tlatsetso, kapa o nahana hore o ka nna ya ba o tshwerwe ke kholera, kapa setho sa lelapa la hao bodulong motho eo o mo tsebang, etela tliniki e haufi, sepetlele, ngaka kapa mosebeletsi wa tsa bophelo bo botle.
